MATSHWAO: 80
NAKO: dihora tse 2
Pampiri ena e na le maqephe a 11.
PAMPIRI YA 1 (P1)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A: Tekokutlwisiso 
KAROLO YA B: Kgutsufatso 
KAROLO YA C: Thutapuo le Tshebediso ya puo 
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Araba dipotso TSOHLE.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
TEMA YA 1
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
BOPHELO BO NAKA DI MARIPA
Matsatsi a supileng a fela ho se nko ho tswa lemina. Sello le lelapa la hae ba ne ba ntse ba dula ka tlong. Pula le yona ho na ya ditlwebelele. Ka mora matsatsi a supileng mapolesa a nka thoto yohle ya bona a e betsetsa ka ntle. Ba hlola ka ntle bosiu le motsheare. Ka lehlohonolo la moteaphala, moahisane e mong a ba utlwela bohloko mme a ba kadima masenke le seratswana ka jareteng ya hae hore ba mpe ba iketsetse mohlongwafatshe wa nakwana.
Sello o ile a aha mohlongwafatshe hantle. A dula le lelapa la hae ka moo. Bophelo ba bona bo ne bo hlomola. Ho le boima ho tlwaela ntlo ena e ntjha. Ha ho tjhesa e ne e tjhesa haholo mme ha ho bata le teng e ne e bata ho feta tekano. Le ha ho le jwalo, ba ile ba tiisetsa. Ba ne ba elellwa hore kajeno madiba ho pshele a matala mme kwena e ne e ipoqa seretseng. Sello o ne a hlile a wele ka mpa fatshe. A leboha feela ha a patile hlooho.
Bana ba lapeng lena ba iphumana ba tlohetse sekolo. Motsheare ba hlatswetsa batho makoloi ha ntatabona yena a phumulela batho dieta toropong ha a sa batlane le mosebetsi. Boitekong bona ba bona ba ne ba iphumana ba se ba tsheheditse lephako. Ntsi ba se ba e kolla hanong. Matsatsing ona ano ha be ho se ho ema pikapo haufi le mohlongwafatshe wa Sello. Mapolesa a mmatla. Ka ha a se a tseba seo ba mmatlelang sona, a ikgakanya mme a fetola lebitso la hae. A ipitsa Molahluwa. Mapolesa a mo kgolwa mme a tsamaya.
Sello enwa o ne a batlelwa molato wa diaparo tseo a neng a di nke ka mokitlane moo a neng a sebedisa karete ya ho kolotisa. Kajeno mapolesa a ne a tsebisitswe hore a mo ise ntlwanatshwana. Sello o ile a kgodisa mapolesa hore Sello ya batlwang o ne a ye habo Lesotho. E! Molahluwa enwa wa leshano o ne a tseba hore Sello enwa a ka fumanwa kae. Hoba a ikgakanye, a balehela ka ntle ho motse moo a ileng a ipata ho fihlela motsheare wa mantsiboya.
Ha nako e fihla a kgutlela lapeng. Mona teng a fumana mosadi a boetse a kula hape. Sello o ile a sulafallwa ke tsohle ka mona ka tlong ha a elellwa hore Ntswaki o a kula. A sheba Ntswaki nakwana mme ha a qeta a nka lebanta le lelelele a tswela ka ntle ka lona. A tswela ka ntle a se a bina sefela se reng 'Haufi le Morena'. A potela ka mora ntlo ka lona.
Sello o ne a se a eme ka tlasa sefate sa diperekisi. Mahlo a a tonetse lekaleng le hodimodimo. Matsoho a ntse a tlama sekgeqetsane. Yaba o kgumama ka mangole fatshe. Thapelo a rapela e telele. Meokgo ya tsholoha mahlong a hae. A qeta a ema a sheba mane lekaleng la sefate. Ka nako eo moahisane yane ya ileng a mo jakisa jareteng ya hae a hlaha. Sello a leka ho pata lebanta leo a neng a le tshwere empa la wela fatshe. Dikeledi le tsona di ntse di keleketla marameng a hae. Moahisane enwa a elellwa hore Sello o batla ho fedisa bophelo ba hae. A phamola lebanta matsohong a Sello. "Molato keng Sello? O etsang?"
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa ho Makumane a thata a bophelo, JM Maqubela, 1997: 44 - 35
DIPOTSO:
Mapolesa a ile a ntsha Sello le lelapa la hae ka tlong ka mora nako e kae?
Ke mang ya ileng a utlwela Sello le lelapa la hae bohloko?
Bolela hore ke nnete kapa mafosi. Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka.
Mapolesa a ne a batla Sello hobane a ne a utswitse diphahlo lebenkeleng.
Fana ka lebitso la mofumahadi wa Sello.
Bana ba Sello ba ile ba a sebetsa mosebetsi ofe ha ba qeta ho tlohella sekolo?
Ke ka baka lang ha Sello a ile a iphetola lebitso?
Hlalosa hore maemo a lehodimo a ne a tshwenya Sello le lelapa jwang ha ba se ba dula ka ntlong ena ya mohlongwafatshe.
Ho se nko ho tswa lemina.
Ho tshehetsa lephako.
Ho ya ka moelelo wa tema, pikapo ke eng?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya tema ha ho thwe: 'kwena e ipoqa seretseng' ho bolelwang?
Ho ya ka tjhadimo ya hao ya bophelo, seo moahisane wa Sello a se entseng ka hore a ahe mohlongwafatshe ka jareteng ya hae na se bohlokwa bophelong ba motho? Hobaneng ha o realo?
TEMA YA 2
Shebisisa papatso, mme o be o bale le ditaba tse e latelang o ntano araba dipotso tse theilweng hodima yona.
PAPATSO
Ditlolo tsa mohlolo
Ho ya ka boramahlale, matsatsing a kajeno ho sosobana sefahleho e se e le taba ya maobane. Bomme le barwetsana ba tla iphumana ba le boreletsana ha ba sebedisa dihlahiswa tsa Loreal Age Perfect. Ke ditlolo tse loketseng motho e mong le e mong mme di siya letlalo le kganya le bile le le bonojana. Ditlolo tsena di fumaneha ka mefuta e mengata. Ho na le ditlolo tse tlosang mafura sefahlehong, tse etsang sefahleho se kganye, tse tlosang dihloba, tse etsang letlalo le bohehe le le letjha le tse fedisang matheba sefahlehong. Iphumanele dihlahiswa tsa Loreal mme mathata a hao a letlalo e tla ba toro ya maobane.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Cosmopolitan 2006
DIPOTSO:
Qolla polelo ho tswa temeng ena e susumetsang mmadi ho reka dihlahiswa tsena.
Bolela molemo o le mong feela oo sehlahiswa sena se nang le wona letlalong la motho.
Papatsong e ka hodimo ho na le polelo e ntshofaditsweng ebile e sa tshekallatswa. O nahana hore ke hobaneng e ntshofaditswe?
Ebe polelo e ntshofaditsweng ebile e tshekalletse ke ntlha kapa mohopolo feela? Fana ka lebaka ho tiisa karabo ya hao.
Mohopolo wa sehlooho oo papatso ena e o reretsweng ke ofe?.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa tema e latelang, e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 60 - 70 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Dintlha tsa hao di be ka sebopeho sa dipolelo, e seng ka lentswe le le leng feela. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
MOLESO WA DIKGOMO
Boholoholo ho ne ho na le basadi ba babedi ba sethepu. E mong a beleha. Mohaditsong wa hae a rera ho mmolaya ka ha ba ne ba sa utlwane. A rera ho mo jesa moleso wa dikgomo, a mmolaye ka wona.
Naheng kwana ho ne ho e na le mabele. Mabele ana a jewa ke dikgomo le dinonyana. A ne a bitswa moleso wa dikgomo. A ne a tadimeha jwalo ka tjhefu. Ha e le batho bona, ba ne ba itjella bolokwe ba dikgomo bo neng bo futswelwa ka lebese.
Mohaditsong a sila, a pheha, a fehla lesheleshele a isetsa motswetse a fihla a re: "Rona e se e le matsatsinyana jwale re itjella ntho ena, moleso wa dikgomo empa ha re e so bolelle batho. Monate wa yona ke o makatsang. O le nyaye le kolobe." Motswetse a habola ha monate mpa ya tlala.
Ka mora matsatsi a seng makae, motswetse a simolla ho nona. Mohaditsong a re ka pelong: "Kajeno ke mo fumane, ke eo o se a qala ho ruruha mmele." Motswetse yena a nna a tswela pele ho hohomoha, lebala la hlaka hobane lesheleshele le ne le hlatswa madi. Ho mohaditsong tsena kaofela ya ba matshwao a lefu le tseleng.
Eitse ha a elellwa hore eo ha a shwe, a ikwahlaya haholo ka ho otla sera sa hae. Ho tloha mehleng eo batho ba tseba hore mabele ke dijo tse molemo. 'Ke tshomo ka mathetho.'
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Mmampodi kgwaolla ditswakotleng, JM Lenake. 1991:211
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
Bala tema ena o ntano araba dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse e latelang:
Mohau o ile a thaba haholo ha a bona moholo wa kereke ya bitswang Namodi, etswe hara ditho tsa lekgotla la kereke a ne a mo utlwisisa ho feta ba bangata. O ile a bontsha moholo Namodi tswelopele eo a seng a e fihletse ka nako eo e kgutshwanyane. O thehile sekolo, mme se tswela pele hantle haholo. O dumela hore thupa e kojwa e sa le metsi. Ba rutwe hantle ho se ke ha tshwana le bona ba ileng ba rutwa tsohle tseo ba neng ba sa di hloke, tse neng di le molemong wa ba neng ba rala thuto ya bona ka nako eo. Ba tingwa tseo ba neng ba hlile ba di hloka ho hodisa setso le boitsebahatso ba setjhaba sa habo bona.
Namodi o botsa Mohau hore e be botlokotsebe bona bo ntse bo eya jwang polasing moo. Mohau a mmolella nnete feela. Bo ya ka theko, le ha bo ntse bo le teng. Dihaeya ho bonahala eka ke tsa lefatshe ka bophara. Le hona mona ho se ho nne ho utlwahale hore mohatsa Nnyeo o ile a kgephola basadi ba ile patsing ka baka la bobare. Ntho tse tjena di etsahala hohle.
Mohau a bolella Namodi hore ha e le lefapheng la tshebetso ya ditjhelete teng ho ntse ho e na le leemenyana, empa taba eo e shebilwe ka leihlo le ntjhotjho ke ba sebetsanang le yona. Taba e nngwe e tshwenyang, ke dipolayo tsena tse sehloho tsa borapolasi. Hoo ho beha naha ya rona ka mosing, mme e kgutlisetsa setjhaba morao. Boramatsete ba hloka bonnete ba ho re ba tla fumantshwa tshireletso le polokeho. Namodi o tlohile moo a kgotsofetse ke ka moo Mohau a mo hlaloseditseng ka teng.
Letsatsi la mokete la lenyalo la Mohau le Mamosa la atamela. Dihase di ne di bala dikgwedi. Dibeke le tsona re nnile ra di bala. Taba ena ya lenyalo la Mohau le Mamosa e ne e amohetswe ka maikutlo a fapaneng ke batho ba bangata. Ba bang ba re Mohau o mpa a nkile ngwana Lekgowa hobane a ipatlela tjhelete, ha ba bang bona ba re o mo nkile hobane a tseba temo le diphoofolo, mme o tla mo thusa haholo ho ntshetsa maikemisetso a hae pele. Mohau o ne a rata Mamosa e le ka nnete. O ne a se na taba le seo batho ba neng ba se bua. O ne a ipolelletse hore yena le Mamosa ba tla ruta lefatshe lerato la nnete.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Dihaeya ke bophelo KPD Maphalla, 1997:168
Fana ka lehlalosonngwe/sinonimi ya lentswe le ntshofaditsweng polelong e latelang:
O ne a shebile ka leihlo le ntjhotjho.
Polelong ena '... ha e le lefapheng la tshebetso ya ditjhelete ...', polelong eo lentswe le ntshofaditsweng ke lehlalosi la sebaka. Ngola polelo e latelang hape o ngole lentswe le ntshofaditsweng le se le fetoletswe ho lehlalosi la sebaka.
Bophelo bo ntse bo eya jwang polasi moo.
Polelong ena, 'Letsatsi la lenyalo la mokete la atamela' ke polelo e bontshang lehokathuo ka mabopi a ntshofaditsweng. A ke o ngole polelo e latelang e le sebopehong se nepahetseng.
Namodi ke moholo ya kereke ya utlwisiswang.
Ba tla ruta lefatshe lerato la nnete.' Ho sebedisitswe mokgabisopuo ofe polelong ee?
Polelong ena 'Mohau o ile a thaba haholo' moelelo wa lentswe le ntshofaditsweng ke 'ho nyakalla'. Ha moelelo o mong wa lona e ka ba o latelang, 'Ke palame thaba ya Mount Aux Source'. Ipopele dipolelo ka lentswe le latelang e le ho totobatsa meelelo e mmedi e fapaneng ya lentswe leo.
mpa mpa
Polelong ena, 'O ne a ipolelletse hore yena le Mamosa ...' ho sebedisitswe lebopi la boiketsi. Bopa polelo ya boiketsi ka leetsi le latelang:
batlela
Ngola lelatodi/antonimi ya lentswe le sehelletsweng mola polelong e latelang, mme o be o le sebedise polelong eo o tla ipopela yona:
O fihlelletse katleho ka nako e kgutshwanyane'.
Polelong ena, 'Ntho tse tjena di etsahala hohle' ho sebedisitswe leakaretsi 'hohle'. Qala polelo ya hao ka 'Hohle ...'
Fetolela polelo e latelang sebopehong sa potso.
Taba e nngwe e tshwenyang ke dipolayo tsa boRapolasi.
Ngola polelo e latelang temekisong ya tatolo/kganyetso:
Mohau o ne a rata Mamosa e le ka nnete.
Hlalosa maele a latelang 'thupa e kotjwa e sa le metsi' ho ya ka kutlwisiso ya hao ya tema.
Ngola polelo ena sebopehong sa puopehelo.
Mohau, e be botlokotsebe bo ntse bo ya jwang." Ho botsa Namodi.
Polelong e latelang "Ho se ho nne ho utlwahale hore mohatsa Nnyeo o ile a ..." ho sebedisitswe lehaelli/lethusi nne. Iketsetse polelo eo ho yona o tla sebedisa lentswe le ntshofaditsweng ho yona.
Hlopholla/qhaqholla polelomararane e latelang ka ho ngola dipolelwana tse boletsweng.
Mohatsa Nnyeo o ile a kgephola basadi ba neng ba ile patsing ka baka la bobare.'
Polelwanakutu
Polelwanakgethi
Temeng ho sebedisitswe lentswe 'leemenyana'e le ho bontsha nyenyefatso. Ipopele nyenyefatso ka lebitso lena 'basadi' o be o le sebedise polelong ya hao.
POTSO YA 4
Bala tema e latelang o nto araba dipotso tse thehilweng hodima yona:
Refo! Yaka hoja re phahamisitswe ke ho kgwathwa ha konopo ya motlakase. Ha se rona feela ba babedi ba tlotseng hong empa setjhaba se mono kaofela ha sona se ile sa refoha ha mmino o qala. Ka fumana motswalle a se a swentse ka mahlong eka o ankgelwa. Ha mahlo a ka a teana le a motho e mong, ke ha eo a e ya ka lekeke seka motho wa sethwathwa. Ke re batho ba fetoha dibopeho bo! La jewa leoto, ka ba ka utlwa hantle le nna hore ho tla kgaoha moo ho kgwehlang. Eitse moo pina e loelang mabone a re fi! Ha thola ha re tu! Ka ho panya ha leihlo. Yare re sa maketse jwalo, ha utlwahala sefako sa majwe difensetereng le masenkeng. Ha senyeha ka holong. Ya eba letlaburu ho batla le ha e le lesobanyana feela la ho tswa ka holong. Batho ra hatana hodimo seka bohlwa lefifing. Ra hatana hodimo e se ka morero. Diboko tsona e le tse hlomolang. Moo ke reng etlo, ka iphumana ke se ke le ka ntle, ke sutumeleditswe teng ke boiyane bona ba batho. Ka lehlohonolo ka iphumana ke ntse ke feletse. Tokelo yena? Ke re ke moihlwe ho fihlela lena le hodimo.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Mmampodi kgwaolla ditswakotleng, JM Lenake. 1991:371
Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa dipolelwang tse latelang. Ithuse ka tema e ka hodimo.
motho ya nang le leihlo le le leng.
lefu la ho wa.
Sebedisa maelana/sekapolelo sena 'Ka ho panya ha leihlo' polelong eo o tla ipopela yona.
Sebedisa leetsisamodumo lena, 'fi!' polelong eo o tla iketsetsa yona.
Hlalosa maelana/sekapolelo sena se latelang ho ya ka kutlwiso ya hao ya tema:
Ho ja leoto.
Ke sekapuo sefe se sebedisitsweng polelong ee: 'Batho ra hatana hodimo seka bohlwa lefifing'.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
